
Mokwetlisi wa Pirates o batla mohope wa Champions League
Mokwetlisi ya hapileng mohope wa Betway Premiership ka sehla sa hae sa pele sehlopheng sa Orlando Pirates, o bontshitse tabatabelo ya ho hapa mohope o moholo kontinenteng.
Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha maemo a sehlopha sa hae [Pirates] a le hodimo le ho tshwanelwa ke dintho tse kgolo.
“Maemo a Pirates ke a mohope wa Champions League,” ho realo Ouaddou.
“Re lokela ho e hapa hobane rena le tsohle tse hlokahalang, dibapadi, disebediswa, botsamaisi le pono e lokelang ho isa sehlopha hodimo papading ya bolo.”
BALA: Sundowns e tla leboha dibapadi ka moputso wa CAF kaofela
Mantswe a Ouaddou, a tla ka nako eo sehlopha sa Mamelodi Sundowns se qetang ho hapa mohope ona lekgetlo la bobedi le ho feta Pirates eo e leng yona eo hapileng pele Afrika Boroa.
Mokwetlisi enwa eo ho utlwahetseng e ka o tla tsamaya sehlopha, o kgutlisitse tshepo ya batshehetsi ka mantswe a hae a ho batla ho bapa Champions League e leng se bontshang a ka dula sehlopheng ho lelekisa mohope ona.
Pirates le Sundowns ke tsona tse tla emela Afrika Boroa ho Champions League sehleng setlang.
BALA: Chiefs e tsibisa bakwetlisi ba yona ka bokamoso ba bona sehlopheng
