
Egypt e fumana tlholo ya pele nalaneng ya mohope wa lefatshe
Naha ya Afrika leboya ya Egypt, e ngotse nalane ha e ne e hlola New Zealand mesong ya mantaha mohopeng wa lefatshe.
Egypt, e hlotse New Zealand ka 3 – 1 ho dula ka hodimo sehlotshwaneng sa G se nang le Belgium.
Dintlha tsa Egypt, dikene ka Mostafa Ziko, Mahmoud Trezeguet le Mohamed Salah ya bileng le seabo se seholo papading.
Egypt e ne e qala ho hapa papadi mohopeng wa lefatshe ka mora makgetlo a mararo ao e bileng karolo ya tlhodisano ena.
Lekgetlo la pele sehlopha se bapala mohopeng wa lefatshe ke ka 1934 moo e bileng sona sehlopha sa pele kontinenteng ho kenela tlhodisano ena.
Ka mora tlholo ya bona, Egypt e dutse monyetleng o moholo wa ho fetela mokgahlelong o latelang e leng ntho e tlabe e qala ho etsahala.
Papadi ya ho qetela ya sehlopha e tlaba kgahlano le naha ya Iran e dutseng mohatleng ka ntlha e le nngwe ka mora dipapadi tse pedi.
BALA: Tunisia e ba naha ya pele ya Afrika ho menahana le mehlala
