Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tunisia e ba naha ya pele ya Afrika ho menahana le mehlala

Naha ya Tunisia e ba yona naha ya pele ya Afrika mohopeng wa lefatshe hotswa tlhodisano ka papadi ka letsohong.

Sena ka mora hore sehlopha se hlolwe papading ya bobedi ke naha ya Japan ka 4 – 0.

Tunisia e hlotswe papading ya pele ke Sweden ka 5 – 1 moo baileng ba nyaola le mokwetlisi ka mora papadi.

BALA: Broos o emela sebapadi sa hae setla fetwa ke papadi e mahlonoko

Naha ena ke yona e seng e hlajowe dintlha tse ngata ka ho fitisisa dihlopheng tse seng dibapetse dipapadi tse pedi [9 goals conceded].

Le ha sehlopha se setse ka papadi ka letsohong, sehlopha se ke ke sa kgoba ho fetela pele le ha seka hapa papadi eo ho latela boemo ba dihlophe tse pannweng le yona boemong ba FIFA [head to head].

Sehlopha setla bapala papadi ya ho qetela le naha ya Netherlands e seng e feteletseng mokgahlelong o latelang ka mora ho hapa papadi le ho bapala maleka.

BALA: Algeria e hlahlela tletlebo kgahlano le moletsaphala