
Kapp o lwana ka molangwana le bolo ho hlola India papading ya boraro
Sebapadi sa Afrika Boroa se otlang le ho akgela [All-rounder] Marizanne Kapp, o lwanne ka tsohle ho hlola India papading e mahlonoko ya boraro mohopeng wa lefatshe wa T20 naheng ya England.
Di’Proteas dihlotse India ka di’wicket tse 6 papading eo Afrika Boroa e neng e hloka ho e hlola hore e dule ka tshepo ya ho bapala dipapadi tse tlang pele ho makgaolakgang [semi-finals].
India e hapile lotho mme ya kgetha ho otla pele moo ba beileng mokolokotwane wa mematho e 157 ho tswile dibapadi tse 7 [157/7].
Kapp [2] le Shabnim Ismail [2] ba ketotse dibapadi tse nne ka kopanelo ha Ayabonga Khaka [1], Nonkululeko Mlaba [1] le Nadine De Klerk [1] ba ketotse dibapadi tse tharo ka kopanelo.
Makenong a bobedi Afrika Boroa e qadile e le tlasa kgatello moo Laura Woolvardt a tswileng ka mematho e 20 mme a latelwa ke Annerie Dercksen a sa etsa letho [duck/0].
Kapp eo e bile sebapadi sa letsatsi, o e ntse mematho e 81* moo a fihletseng 50 ya hae ya pele dipapading tsa T20 a bile a ikgapela kgau ya sebapadi sa letsatsi.
Sehlopha se dutse boemong ba boraro ka dintlha tse nne mme ba lokela ho hapa dipapadi tse latelang ka run rate e hodimo ho fetela mokgahlelong o latelang wa dipapadi.
BALA: Boitukiso ba Di’Proteas bo motjheng bakeng sa mohope wa lefatshe
