
Fadlu Davids o leba ho Raja Casablanca Morroco
Ka mora menyenyetsi e ileng ya qhoma ya hore Raja e mehlaleng ya hae, Fadlu Davids ke mokwetlisi ya motjha wa sehlopha sa Raja Club Athletic.
Letswallwa lena la Cape Town le tlohela mosebetse naheng ya Tanzania moo a neng a kwetlisa sehlopha sa Simba SC e satswa tekena Neo Maema le Rushine De Reuck ho tswa ho Mamelodi Sundowns.
Mokwetlisi enwa a dilemo di 44 o ne a le lenaneng la bakwetlisi baka sehlohlolong ho Raja ba kenyeletsa Jose Riveiro eo ha jwale a senang sehlopha.
Davids ha a qale ho sebetsa le Raja jwalo ka ha a sebeditse le bona jwalo ka motlatsa mokwetlisi nakong e fitileng tlasa mokwetlisi Josef Zinnbauer.
David e ba mokwetlisi wa bobedi ya tswalwang Afrika Boroa ho leba naheng ya Morocco mme ke wa boraro ho leba dinaheng tsena tsa Afrika leboya ka mora Pitso Mosimane le Rhulani Mokoena.
Ha jwale teko ke e matla ho Davids ho tataisa sehlopha sena seo ba kileng ba se hapela mehope sehleng sa 2023/2024 ntle le ho hlolwa ke papading sehleng seo.
Raja e se e bapetse dipapadi tse pedi moo e hapileng e lengwe le ho bapala maleka papading e lengwe.
BALA HAPE: Raja Athletic e mehlaleng ya bakwetlisi ba mehleng ba Pirates
