
Quinton De Kock o kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba
Sebapadi sa Afrika Boroa papading ya krikete Quinton De Kock, o kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba ka mora ho beha meja fatshe.
De Kock, o hlaheletse lenaneng la dibapadi tse tla nkana le naha ya Pakistan mefuteng e meraro ya dipapading le ha yena a le lenaneng la mefuta ya dipapadi tse pedi (T20 le ODI).
De Kock o ile a tshosa batho ka ho beha mejafashe dipapading tsa matjhabatjhaba papadi ya teko ka 2021 le papading ya ODI ka 2023 ka tlhaloso ya ho batla ho qeta nako le leloko.
Lekgetlo la ho qetela De Kock a bapalla sehlopha sa naha ke ka Phupjane 2024 mohopeng wa lefatshe wa T20, moo Afrika Boroa e hlotsweng papading ya makgaolakgang.
Ho kgutla ha De Kock sehlopheng, hotla dikgwedi ka mora hore Heinrich Klaasen a behe meja fashe mefuteng yohle ya dipapadi tsa matjhabatjhaba.
Sebapadi sena se otlang ka letsoho la leqele, se bile se otla ka sekgahla, o bapala hape jwalo ka sebapadi se thibang (wicket keeper).
De Kock ke seng sa dibapadi tsa Afrika Boroa tse nang le boiphihlelo bo makatsang bo hlokwang ke sehlopha jwalo ka ha se itukisetsa ho leba mohopeng wa lefatshe o tla tswarwa ka kopanelo ke Afrika Boroa, Zimbabwe le Namibia ka 2027.
Afrika Boroa, e tla leba naheng ya Pakistan moo e tla bapala mefuta e meraro kaofela ya dipapading kgutlela le Pakistan kgweding etlang.
BALA HAPE: Di’Proteas le England dibapala maleka
