Ditaba tsa moraoraoKrikete

Maharaj o kena lenaneng la dibapadi tse lemetseng

Sebapadi se ka hodimo lefatsheng ka ho akgela papading tsa di’ODI Keshav Maharaj, ke sebapadi sa moraorao sa ho kena palong ya dibapadi tse tswileng dikotsi kampong ya di’Proteas.

Maharaj ya ntse a bapala papadi e tswileng matsoho ho Di’ODI, o tla fetwa ke dipapadi tsa T20 tse ntseng dibapala kgahlano le England ka lebaka la temalo [groin].

Maharaj o kena lenaneng le nang le David Miller, Lungisani Ngidi le Temba Bavuma le ha Bavuma e se karolo ya sehlopha sa T20.

Sebapadi sena se akgelang ka letsoho la leqele (left-arm orthodox spinner) se satswa kenyeletswa sehlopheng sena sa mofuta o mokgutshwane wa papadi (T20) ka mora ho sebe karolo ya sehlopha nakwana.

Le ha hole jwalo, Afrika Boroa e ka leka ho lwana ka dibapadi tse teng jwalo ka ha Kagiso Rabada a kgutlile ka mora ho oka kotsi. Marco Jansen le Lizaad Williams le bona ba kgutlile ka mora ho dula kantle sebaka ka lebaka la dikotsi.

Di’Proteas ditla kena papading ya bobedi ya T20 kgahlano le England kajeno thapama. Papading ya pele, Afrika Boroa e fetile mohalotso ka memato e 14 ka mora hore papadi e sitiswe ke pula.

Papadi ya kajeno e tla thakgoha ka 19:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa mme yona e tla bapalla lebaleng la Old Trafford.

BALA HAPE: diproteas-di-hapa-papadi-ya-pele-ya-t20