
Hunt o babatsa bakwetlisi ba Chiefs pele ho papadi ya bona
Mokwetlisi wa Stellenbosch Gavin Hunt, o babaditse tshebetso ya bakwetlisi ba babedi ba tshwereng marapo sehlopheng sa Kaizer Chiefs Cedric Kaze le Khalil Ben Youssef.
Mantswe a Hunt a tla ka nako eo sehlopha sa hae setla thulana le Chiefs papading ya mohope wa Nedbank eo Chiefs e leng yona batshiteletsi ba yona ka mora ho e hapa sehleng se fitileng tlasa mokwetlisi Nasraddine Nabi.
Bobedi Kaze le Khalil, ba tshwere marapo sehlopheng ka mora hore Nabi le Chiefs ba fihlelle tumellano ya ho arohana ka mora dipuisano tse nkile nako pele ho fihlelwa tharollo.
Hunt o hlalositse ha tlotla e lokela ho lebisa moo e lokelang ha mosebetsi o motle o etswe e le ha a shebile ka tsela oe Chiefs e ntseng e bapala ka yona dipapading tsa moraorao.
“E bang o ka shebe, ba batla ba tsitsitse ho feta rona,” ho realo Hunt.
“Ba batla ba tsitsitse ka sehlopha sa bona mme ba batla bana le morethetho ho feta rona. Ba hapile dipapadi tse leshongwana, ha ba hlajwe dintlha tse ngata e leng bopaki ba tshebetso e matla ya bokwetlisi le bohle sehlopheng.”
Chiefs le Stellies dina le nalane e lelele ya dilemo tse fitileng. Selemo se fitileng dihlopha tsena dikopane makgetlo a mahlano mme Chiefs e hapile dipapadi tseo ka bohlano ba tsona ho kenyeletsa papadi ya ho qetela moo Chiefs e hloseng ka thaho ya mekoko e le papadi ya Carling Knockout.
Stellies setla amohela Amakhosi lebaleng la DHL osiung ba kajeno [04 Hlakola]. papadi ena e tla thakgoha ka 19:00 bosiu.
