
Sekhukhune se nyaola Tinkler le ho tshwarisa Masehe marapo
Sehlopha sa Limpopo le Gauteng sa Sekhukhune United, se arohane le mokwetlisi wa bona Eric Tinkler ka seo ba sehlalositseng e le hose fihlele sekepele seo a se behetsweng.
Tinkler, o nyaolwa ka mora hore sehlopha se hape papadi ka ntlha ho noto [1 – 0] kgahlano le Magesi e sokolang ka moqebelo lebaleng la Peter Mokaba.
Sekhukhune se satswa tekena Dr Walter Steenbok le Rivaldo Coetzee, se qadile sehla ka mahlahahla le hoba se seng sa dihlopha tse bontshitseng maikemisetso pele tsohle difetoha.
Ha jwale sehlopha se dutse boemong ba 5 ka dintlha tse 38 ka mora dipapadi tse 24 le ditlholo tse 10 (wins).
Paulus ‘The Horse’ Masehe, o tlatswa a tshwere marapo a bokwetlisi nakwana ho fihlela sehla se fihla pheletsong.
Sehlopha se setse ka dipapading tse 6 pele sehla se kodumela mme papadi ya sehlopha e latelang e tlaba kgahlano le Stellenbosch le Marumo Gallants ka ho fapana.
BALA HAPE: Cardoso o akgola sehlopha ka mora tlholo ya bohlokwa Tunisia
