
Lefapha le itshwarella ka dikgetho tsa SAFA dipotsong tsa VAR
Lefapha la dipapadi le hlalositse ha tieiso ya VAR e le ka lebaka la dikgetho tsa SAFA tsa mopresidente ba mokga.
Tlhaloso ena e tlile ka motlatsa letona la dipapadi Peace Mabe karabelo ya ho thola le ka mora ditshepiso tsa lefapha.
Letona la dipapadi le ile la ikana le hlapanya hore SAFA e lokela ho kenya VAR tshebetsong kapa e kgutlise tjhelete empa haho letho le etsahetseng.
Mabe o netefaditse hore letons le batlile tlaleho ho SAFA matsatsing a 21 empa dikgetho tsa sitisa kopano e neng e lokela ho dula.
“Eya, letona le fanne ka matsatsi a 21. Rene re lokiseditse kopano le SAFA hore ba refe tlaleho ya hore bothata keng,” ho realo Mabe.
“Tjhelete e teng empa re emetse SAFA e lokise jwalo ka ha e tswa dikgethong.”
Taba ya VAR ke pale e tswelang pele mme haho bonahale VAR e ka kena tshebetsong sehleng se hodimo sa dibapadi.
