
Zamalek e hlahletse tletlebo ka moletsaphala ka mora papadi le Chiefs
Sehlopha sa Zamalek, se hlahletse tletlebo ka moletsaphala wa papadi ya bona kgahlano sehlopha sa Kaizer Chiefs ka papadi ya CAF Confederation Cup.
Zamalek e bapetse maleka a 1 – 1 le Chiefs mme ba dumela ha moletsaphala a bajelletse ka kobong ka tse ding tsa diqeto tsa hae.
Tletlebo ya Zamalek, e akga ho hanelwa ntlha e totobetseng eo sehlopha se e hlabileng empa moletsaphala a tshwaya phoso kgahlano le Saifeddine Jaziri.
Ho hanelwa ka thaho ya mokoko moo ba dumelang ha Chico Banza a ile a ile a bapalwa hampe ka hara di 18 mme ba batla ho be le tshebediso ya VAR ka potlako ho etsa bonnete ba hore tsohle tseo ba lla ka tsona ha dietsahale.
Sehlopha se dumela ha diqeto tsa moletsaphala eo e le letswallwa la Rwanda Samuel Uykunda le bo mphato wa hae, ba nkile diqeto tse fosahetseng tse bileng le tshekamelo kgahlano le sehlopha sa bona.
E nngwe ya tletlebo tsa Zamalek ke hore moletsaphala o ne a fana ka karete tse tshehla le ha hosa hlokahale dibapading tsa bona.
Dinatla tsena tsa Egypt, dietse boipiletso ho CAF ho kenya VAR tshebetsong le ho hlwaya baletsaphala ba nepahetseng bakeng sa dipapadi ho thibela diphoso.
Tebello ke ho bona e bang CAF e tla arabela ka lefeng tletlebong ena le hore e tla nka nako e kae pele e ka arabela.
BALA HAPE: Chiefs e phonyoha metsotsong ya ho qetela le ho bapala maleka
