Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Lenane la dikotsi sehlopheng sa naha e qala hoba tlhoba boroko

Lenane la dibapadi tsa sehlopha sa naha tse tswileng dikotsi, le bonahala le hlwa mekwalaba letsatsi le letsatsi.

Sena ka mora hore sebapadi sa Mamelodi Sundowns Khuliso Mudau a tswe kotsi e ka mobehang kantle dikgwedi-kgwedi.

Mudau o lemetse papading ya bona le Marumo Gallants moo sehlopha se hapileng papadi ka 2 – 0 mme kotsi e motswileng ke ho taboha mosifa [Achilles].

Ho ya ka diphuputso le ditsibi, temalo ena ke ya nako e lelele moo kgonahalo e leng kgolo hore sebapadi sena seka fetwa ke karolo ya pele ya sehla.

BALA: Dibapadi tsa ntshetso pele ya Sundowns disebeletsa sehlopha

Sebapadi sena ke sa bobedi sa naha hotswa kotsi e tla mofutisa ka dipapadi tsa ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON ka mora hore Mbekezeli Mbokazi le yena a tswe kotsi.

Sehlopheng sa Sundowns Mudau o kena letotong la dibapadi tse tswileng dikotsi ho kenyeletsa Teboho eo le yena hosa hlakeng hore o tlaba teng ka nako eo Afrika Borwa e amohelang naha ya Guinea.

Dipapadi tsa ho phunyeletsa:
Bafana vs Guinea (H) – 23–25 Sep 2026 
Eritrea vs Bafana (A) – 27–29 Sep 2026 
Bafana vs Kenya (H) – 11–13 Nov 2026 
Kenya vs Bafana (A) – 15–17 Nov 2026

BALA: Lewandowski le Dithejane ba hapela Chicago Fire papadi