
Barker o hapa kgau ya kgwedi ha bedi ka tatellano
Mokwetlisi wa Simba SC Steve Barker, o tsibisitswe jwalo ka mokwetlisi wa kgwedi ya Hlakubele ka mora dipapadi tse hlano tseo sehlopha se dibapetseng.
Ka kgwedi ya Hlakubele, Barker o hapile dipapadi tse tharo le ho bapala maleka dipapading tse pedi.
5 games
3 wins
2 draws
NBC Premier League e tsibisitse ha Barker e le yena mohlodi wa kgwedi e bile e le tlholo ya hae ya bobedi ka tatellano ka mora ho kwatola kgau ena kgweding ya Hlakola
Barker ya keneng dieteng tsa Fadlu Davids o bonahala a ntse a iphumana ka mora ho qala ka monyebe le ho tswa dipapading tsa kontinente ha sehla se satswa qala.
Ka kakaretso Barker o eteletse ‘The Red Lions’ pele dipapading tse 18 dipapading tsa NBC Premier League.
18 games played:
9 wins
7 draws
2 loses
Tebello ke hore Barker a hape mohope wa sehla le sehlopha ka mora ho nka dilemo ba o bonela hole.
Lekgetlo la ho qetela Simba eba bompudi ba Tanzania ke ka 2020/2021 mme Parker ke tshepo e kgolo ya batshehetsi le barati ba sehlopha se seholo ka hara Tanzania.
