Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

SAFA e tsibisa neng mokwetlisi wa sehlopha sa naha?

Dibeke ka mora ditlaleho tsa hose utlwane ka puo ha Pitso Mosimane le mokgatlo o tsamaisang bolo wa SAFA, taba ya mokwetlisi ya latelang wa sehlopha e thotse jwalo ka lefatshe.

Mosimane le mokgatlo ba hlolane ditumellanong tsa mekgolo le ha ho utlwahetse mokgatlo o kgutletse tafoleng ya dipuisano ka moputso o ntlafetseng.

Ho ya ka lehlokwana la tsela, Mosimane le mokgatlo ba fihleletse tumellano ntlheng ya meputso empa bothata bo tabeng ya hore Mosimane o sebeditse le mang.

Ditlaleho dikuma ha Mosimane a batla hotla le moifo wa hae wa bokwetlisi e leng seo ditho tse ding tsa SAFA disa dumelaneng le sona.

Mokgatlo o batla ditho tse ding tsa bokwetlisi tse sebeditseng le Hugo Broos, e be karolo ya moifo wa bokwetlisi ba Mosimane mme ho bonahala e leng moo bothata boleng teng.

Tsena tsohle di etsahala ka nako eo sehlopha se atamelang matsatsi a ho bapala dipapadi tsa ho phunyeletsa mohope wa AFCON.

Sehlopha se setse ka nako ya kgwedi pele se bapala dipapadi tse nne tseo tse pedi tsa tsona ditla bapalla lapeng ha tse pedi e tlaba tse kantle ho naha.

Tebello ke ho bona hore mokgatlo o tla phatlalatsa neng mokwetlisi le hore e tlaba mang yatla phatlalatswa jwalo ka mokwetlisi wa Bafana Bafana.

BALA: Lenane la dikotsi sehlopheng sa naha e qala hoba tlhoba boroko