Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mbatha o hlakisa tlhaloso ya Ouaddou ka Showboating sehlopheng

Sebapadi sa Orlando Pirates Thalente Mbatha, o hlakisitse mantswe a mokwetlisi wa hae Abdeslam Ouaddou ka ho bapala ka bolo [showboating].

Ouaddou, o ile a qotswa a seholla mofuta ona wa papadi oo se seng sa dibapadi tsa hae di ileng tsa o bontsha ho tse ding tsa dipapadi.

Le ha hole jwalo, Mbatha o hlalositse le ho hlakisa ha Ouaddou a sena bothata le mofuta oo wa papadi empa fela a batla dintlha pele ho tsohle.

“Mokwetlisi [Ouaddou] ha hlalose hore ha rata showboating empa ke motho ya ratang dintlha le bolo e lebang pele,” ho realo Mbatha.

“Ha sehlopha seka hlaba dintlha tse ngata mohlomong tse hlano kapa ho feta, ke dumela a ka dumella dibapadi ho etsa menyakwe.”

Mbatha ya neng a ntse a oka kotsi, o hlalositse ha Ouaddou e le motho ya bonolo a bile a tseba ho sebetsa le batho.

Ke motho ya bonolo haholo. O bapetse dilemo tse 17 boemong bo phahameng ba papadi ya bolo mme seo se ka kgothatsa dibapadi tse nyane tse hlahang ntshetso peleng ya sehlopha.

Pirates e tla kena kgabong kgahlano le Mamelodi Sundowns mafelong a beke moo ho tla tsekwa mohope wa MTN8.

BALA: Mabasa le Titus ba iketsetsa mabitso naheng ya Morocco