
Mosimane o fana ka tsa moraorao ka Mokoena, Sibisi le Modiba
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Pitso Mosimane, o fanne ka maemo a dibapadi tse tharo tse neng ditswile dikotsi e le karolo ya sehlopha sa naha.
Dibapadi tsena ke Teboho Mokoena, Aubrey Modiba le Nkosinathi Sibisi ba fetoweng ke dipapadi tse pedi ho tse tharo tse bapetseng.
Mosimane, o hlalositse ha dibapadi tsena ditla kgutlela ka lebaleng nakong e kgutshwane le ha a sa hlakisa hore neng.
“Re hloka ho tshireletsa dihlopha tse pedi tsena [Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns] hobane ba bapala makgaolakgang,” ho realo Mosimane.
“Kotsi ya Mokoena ha e empe haholo, o tla kgutlela papading haufinyana. Ke ya tseba Pirates e hloka Sibisi. Modiba o ikwetlisitse boikwetlisong ba ho qetela.”
Le ha Mosimane a aleditse hore dibapadi tsena e kaba karolo ya papadi ya mafelo a beke, ha hoso hlake e bang e tla fela e be karolo ya dihlopha tsa bona.
Ka bobedi dihlopha diqadile ka boikwetliso bakeng sa papadi ya makgaolakgang a MTN8.
Tebello ke hore mokwetlisi wa Sundowns Miguel Cardoso, o tla fana ka ntlha e felletseng lehlakoreng la dibapadi tsa hae.
BALA: Mbatha o hlakisa tlhaloso ya Ouaddou ka Showboating sehlopheng
