
Kaizer Chiefs e tekena Mayo semmuso ho tswa ho CR Belouizdad
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se netefaditse ha setekene Khanyisa Mayo semmuso ho tswa sehlopheng sa CR Belouizdad ya Algeria.
Mayo e bile karolo ya Chiefs sehleng se fitileng ka kadimo ya selemo le ha a sa fumana nako e ngata ya ho bapala.
Sehlopha se tsibisitse ha se fihleletse ditumellano tsa thekiso le Belouizdad ka tjhelete e sa hlaloswang ya tumellano dipakeng tsa dihlopha.
BALA: Puso Dithejane o hlaba ntlha ya pele kgahlano le Inter Miami
Mayo eo e leng sebapadi sa mehleng sa Cape Town, o lebile Algeria moo a bapetseng sehla fela tlasa Sead Ramovic pele sehlopha se kadimana ka yena ho Chiefs.
Mayo e tlaba karolo ya sehlopha tlasa bokwetlisi bo botjha ba Fernando Da Cruz mme tebello ke hore o tla bapala karolo e kgolo ho thusa sehlopha ho hapa mehope.
