
Mngqithi: Ndlovu o na le bokgoni ho feta ho leba dihlopheng tsa Gauteng
Mokwetlisi wa Golden Arrows Manqoba Mngqithi, o ntshitse maikutlo a hae ka menyenyetsi ya ho batlwa ha sebapadi sa hae ke dihlopha tsa Gauteng.
Dihlopha tse pedi tsa Gauteng, dibontshitse kgahlaho ho Siyanda Ndlovu ya tswileng tjaro ya mabonwa ho hlaba dintlha lenyelenyele le ho thusetsa ho dihlabeng.
Le ha hole jwalo, Mngqithi o hlalositse ha menyenyetsi ena e ba le seabo se tseleng eo se bapadi se bapalang ka yona.
“Ke ntho e thata ho mokwetlisi mme e ya ka dipapadi ho fapana. Tse ding tsa dibapadi ha dika utla ka lehlokwana la tsela, motho o qala ho mela mapheo le ho qala ho bona ha a le moholo le ho tuma,” ho realo Mngqithi.
“Squish ke sebapadi se ikokobeditseng se ntseng se ananela tataiso le ho ithuta hobane o utlwisisa ka moo a ka imatlafatsang ka teng ka hara sehlopha sa Arrows.”
Mngqithi o hlalositse ha menyenyetsi ena ha jwale e hloka motheo le dihlopha tse amaheng dirata ho bua ho marangrang ho hlokitsa tse ding botsitso.
“Ha jwale dihlopha tse buang, dibua ntle le ntho e tshwareha. Ke dihlopha tse ratang ho hlokisa tse ding botsitso hosa hlokahale. Nka o jwetsa hana jwale hore haho letho le tshwarehang.”
Mngqithi o dumela ha Ndlovu a na le bokgoni ho feta ho leba dihlopheng tsa Gauteng kapa ho bapalla sehlopha se seng ka hara Afrika Boroa.
“Sebapadi sena sena le bokgoni bo boholo le maikemisetso mme ke dumela a ka fihlela tse kgolo ho feta leeto ka bese hoya Joburg.”
