
Mogaila o batla ho etsa boipolelo nyeweng ya hae ya polao
Sebapadi sa Sekhukhune United Shaune Mogaila, se utlwahala se batla ho etsa tumellano ya boipolelo (plea bargain) ka mora kotsi e bohloko e ileng ya nka bophelo ba ngwana.
Mogaila o hlahile ka pela lekgotla la dinyewe la Tembisa ka labobedi moo a tobane le diqoso tsa polao ntle le maikemisetso (culpable homicide) le ho kganna ha bohlaswa.
Kotsi ena e etsahetseng ka Mphalane 2024 tseleng ya Andrew Mapheto Road e ile ya nkela ngwana wa dilemo tse robong bophelo le ho ho siya e mong maemong a mabe a bophelo.
Seehlopha sa babueli ba molao ba Mogaila se bontshitse hore se ikemiseditse ho fana ka kopo ya boipolelo le kahlolo bekeng e tlang.
Ho Lwantsha Bopaki
Maqhwetha a Ikemetseng AfriForum e emetseng leloko la ngwana ya hlokahetseng, le batla lekgotla le lekole kgatiso ya dashcam pele le nka qeto.
Mmoeli wa maqhwetha ana Barry Bateman, o lemositse ka kotsi ya kahlolo e bobebe “slap on the wrist” kgahlano le Mogaila.
“Ho bohlokwa hore Lekgotla le bone kgatiso eo,” ho hatelletse Bateman.
“Ke feela ha ba bona diketso tseo moo Lekgotla le ka fanang ka qeto e nepahetseng.”
Mogaila ya ileng a tloha sebaka sa kotsi pele a itlhahisa mapoleseng, o ntse a le ka ntle ka bail ya R20 000.
Nyewe e tjhechisitswe ho fihlela la 30 Hlakubele, ho fa National Prosecuting Authority monyetla wa ho lekola dikopo tse entsweng.
BALA HAPE: Appollis le Makgopa ba thusa Pirates ho nka boemo ba pele
