
Appollis le Makgopa ba thusa Pirates ho nka boemo ba pele
Sehlopha sa Orlando Pirates se nkile boemo ba pele ka mora ho hlola Richards Bay ka 2 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Orlando.
Pirates e kene papading ena e le tlasa kgatello ya hore e hape papadi ka dintlha tse pedi kapa ho feta e bang e batla ho nka boemo ba pele.
Dintlha tsa Pirates, dikene ka Oswin Appollis eo hosa thotseng ka yena le Evidence Makgopa e bile e le thaho ya mokoko metsotsong ya ho qetela ya papadi.
Pirates e lebellong la ho hapa sehla moo e qothisana lehlokwa le Mamelodi Sundowns e lekanang le yona ka dintlha.
Le ha hole jwalo, Pirates e kotsometse se maratswana ka lebaka la dintlha tseo e dihlajweng papisong le tseo Sundowns e dihlajoweng.
Ka bobedi dihlopha dibapetse dipapadi tse 20 le ho bokeletsa dintlha tse 47. Ka kakaretso dihlopha disalletswe ke dipapadi tse 10 pele sehla se fihla pheletsong mme sehlopha setla hlolwa, setla lahlehelwa ke dintlha tsa bohlokwa.
Pirates e tlaba le monyetla wa ho bula sekgeo sa dintlha tse tharo hae kopana le Siwelele mafelo a beke ha Sundowns e tlabe e bapala papadi ya kontinente kgahlano le Stade Malien.
BALA HAPE: Infantino o re Iran e ka leba America le ha ntwa e lwana
