
Kruger United e latola ditlaleho tsa sebapadi sa Al Ahly ya Egypt
Ditlabotjha ho Betway Premiership Kruger United, dilatotse ditlaleho tsa sebapadi sa sehlopha sa Al Ahly.
Pejana ho qomme ditlaleho tsa hore United e mehlaleng ya sebapadi sa Al Ahly Ahmed Sherief Mohamed Eldesouki empa sehlopha se qeletse seo ka thoko.
Puisanong le KickOff, motsamaisi wa sehlopha [team manager] Elasto Kapowezha, o hlalositse ha tsohle e le maka le taba ya hore sehlopha lebile ho Embassy ya Afrika Borwa Egypt ho fumana thuso.
BALA: Lefapha la dipapadi le ditabeng ka ditjeho tsa ho leba mohopeng wa lefatshe
“Hase nnete. Hareso bitsetse sebapadi seo sehlopheng sa rona,” ho realo Kapowezha.
Sehlopha se latotse ditlaleho tsena ka hohle hohle mme se tsomana le mohlodi wa ditaba tsena tse lahlehisang.
United e hapile sehla ho Motsepe Foundation Championship mme e tla qala bophelo ho Betway Premiership ka Phato.
BALA: Germany e hana ho tshehetsa Infantino lebelong la bopresidente ba FIFA
