
Mogashoa o fana ka maikutlo a fapaneng le a Thidiela
Monga sehlopha sa meheng sa Moroka Swallow Davids Mogashoa, o ntshitse maikutlo a fapaneng le a monga sehlopha sa Black Leopards David Thidiela.
Thidiela o hlalositse ha hona le ntho tse ngata tse sa etseng hlooho ka Irvin Khoza mme ho bile hole thata ho hanyetsana le yena ka qeto tsa hae.
Thidiela o qotsitse e nngwe ya ntho tseo a hlalositseng disa utlwahale e leng ho sebetsa ha Mato Madlala jwalo ka CEO e tshwereng mokobobo (Acting CEO) bakeng sa dilemo tse leshome.
Le ha hole jwalo Mogashoa o hlalositse Khoza ka tsela e fapaneng le eo Thidiela a mohlalositseng ka yona. Mogashoa o hlalositse ha mesebetsi ya Khoza e le metle mme a lwanela bolo ka hara Afrika Boroa.
“Dr Khoza o etsa mosebetsi o metle. Ha batshehetse ba tsamaya ho Glad Africa, Dr Khoza o laetseng “Dictated” Dr Patrice Motsepe ho thusetsa ka ditjhelete,” ho realo Mogashoa.
Le ha a buile tse ntle ka Khoza, Mogashoa o mathile mantsweng a Thidiela a hore Khoza o matla le ha Thidiela ane a bua ka hore matla a hae o a sebedisa hampe.
“Tsena tsohle dietsahetse ka mohala. Ha ke tsebe ke mang a nang le matla a jwalo. Ke ya boeletsa Dr Khoza o thusitse haholo (saved the day).”
Khoza o qadile ho etella PSL pele jwalo ka modulasetulo ka 2003 mme o satswa bewa hape jwalo ka modulasetulo wa PSL dinkgethong tsa moraorao.
Madlala, o dutse jwalo ka CEO e tshwereng mokobobo (Acting CEO) ka 2015 mme le ha jwale o sa kotsometse se maratswana.
BALA HAPE: Broos o ntsha maikutlo ka ho fetolwa kgafetsa ha Pirates
