Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas diqala teko ya pele kgahlano le India

Sehlopha sa naha sa papadi ya krikete, se kene kgabong ya letsatsi la pele la teko kgahlano le naha ya India.

Afrika Boroa, e etetse India bakeng sa mefuta e meraro ya dipapadi mme batla qala ka dipapadi tse pedi tsa diteko.

Di’Proteas, ha diya ba le leeto le monate naheng ya Pakistan moo ba sa hapang letoto matotong a mararo empa ba bapala maleka papading ya diteko (1 – 1).

Ho tloha kajeno mosebetsi o tlaba matla kgahlano le India e manganga ka molala ha e le habo yona.

Papadi ena keo mahlo a tla tswa dinameng ka yona ka lebaka la mohlwa oo e tla bapalla ho eo.

Ditlaleho dikumme ha mohlwa o le motle bakeng sa dibapadi tse bidikisang bolo (spinners) mme mahlo a tla dula hana teng le kgatello e tlaba matla ho dibapadi tse otlang.

Le ha hole jwalo, Afrika Boroa e na le dibapadi tse matla le hoba masene tse bidikisang bolo, e mong wa bona ke Keshav Maharaj eo a dutseng boemong ba pele lefatshe dipapading tsa ODI.

Maharaj o bonahetse a ketola dibapadi lenyelenye. Papading tsa ho qetela tsa diteko kgahlano le Australia, o ile a hapa kgau ya sebapadi sa letoto ka mora ho ketola dibapadi tse ngata.

Papadi e tla qala ka hora ya botshelela hoseng ka nako ya Afrika Boroa (06:00) lebaleng la Eden Gardens Kolkata.

Afrika Boroa e hapile lotho mme e kgethile ho otla pele ha India e tla qala ka ho akgela.

BALA HAPE: Quinton De Kock o ballwa hara bahale