
Senegal e kena tlasa kgatello ka mora ho hlolwa ke Norway
Naha e hapile bompudi ba kontinente ya Afrika Senegal, e hlotswe papading ya bobedi ka tatellano mohopeng wa lefatshe.
Senegal, e hlotswe ke Norway ka 3 – 2 papading ya bobedi ha papading ya pele ba hlotswe ke France ka 3 – 1 papading e bulang.
Mokwetlisi Papi Thiaw le masole a hae, ba dutse boemong ba boraro sehlotshwaneng sa I ka tlasa France le Norway.
BALA: Bokamoso ba Mokwana ho Esperance bo dula qoleng ya kobo
Senegal e tla bapala papadi e latelang kgahlano le Iraq eo le yona e so hape papadi mohopeng ona wa lefatshe.
E bang Senegal e hapa papadi eo, e tla fetela mokgahlelong o latelang e dutse boemong ba boraro ka dintlha tse tharo.
Papading ena e tla bapala ka labohlano ka 21:00 ka nako ya Afrika Borwa motsemoholo Toronto naheng ya Canada.
BALA: Messi o tswelapele ho jara Argentina le ho roba direkoto
