Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Bafana Bafana o fitisa matshidiso a hae lelokong la Adams

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana Hugo Broos, o fitisitse matshidiso a hae lelape le lahlehetsweng ke mora.

“Ke fitisa matshidiso a ka lelapeng la Jayden. Kene kesa kgolwe hane ke utlwa ditaba tseo,” ho realo Broos.

Broos o kwetlisitse Adams sehlopheng sa naha le mohopeng wa lefatshe o ntsheng o bapala naheng ya America mme o hlalositse ha a hloka mantswe a ho hlalosa.

“Ha hona mantswe a ka hlalosang bohloko baka. Jwalo ka ntate ke romela tshehetso yohle yaka lelapeng la hae ka nako ena e boima.”

“Bafana Bafana e lahlehetswe ke sebapadi se hlwahlwa se tlase dilemong. Ha moya wa hae o robale ka kgotso.”

BALA: Ana VAR e tlaba teng ho Betway Premiership sehleng se tlang sa dipapadi?