Bolo ya maotoDipapadi tse ding

Adams o batlana le tsela ya hotswa ho Sundowns

Bokamoso ba sebapadi sa Mamelodi Sundowns sa mpeng ya lebala Jayden Adams, bo batla bo hloka botsitso jwalo ka ha sebapadi se ntse se sokola metsotso ya papadi.

Adams o lebile ho Sundowns a tswa ho Stellenbosch moo a neng a dula a qala papadi mme jwale ho Sundowns tlhodisano e matla mme o lokela ho lwana ka matla ho qala le papadi.

Ho ya ka lesedinyana la Soccer Beat, bokamoso ba Adams botla sekwasekwa ha pele ho dipapadi tsa AFCON tse tla bapala kgweding e tlang ya tshitwe.

Ditlaleho dikuma a Adams a ka dula sehlopheng le ho lwanela sebaka sa hae sehlopheng se qalang le papading kapa sehlopha se adimane ka yena hore a fumane metsotso ya ho bapala.

Pele a leba ho Sundowns, Adams o ne a qeta ho iphumanela pitso sehlopheng sa naha mme tseo tsohle ke tsa maoba le maobane jwalo ka ha a sa fumane monyetla wa ho bapala mme ha ho bonahale a tla leba ho AFCON kapa mohopeng wa lefatshe ka lebaka la hose bapale.

Adams, hase yena fela sebapadi sa mehleng sa Stellenbosch se sokolang monyetla le metsotso ya papadi. Fawaaz Basadien, le yena ke se seng sa dibapadi tse so fumane monyetla wa ho bapala.

Sebapadi sena sa mola o ka morao, se lahlehetswe leke sebaka sa sona sehlopheng sa naha ka mora ho leba ho Sundowns ha sehla se qala.

BALA HAPE: Zwane: Ke nako ya rona e fihlile ho CAF Champions League