
Kaze: Ha hona sehlopha se le seng se ipabotseng sehleng sena
Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o hlalositse ha sehla se haufi le ho fela sa dipapadi, se saba le sehlopha se qatsohile le ho bontsha matla ho feta dihlopha tse ding.
Kaze o buile sena ka mora hore sehlopha sa hae se hape papadi ya mafelo a beke ka 1 – 0 kgahlano le Amazulu eo pejane e neng e tseka boemo ba boraro le bona.
Kaze o hlalositse ha dihlopha kaofela di bontshitse moya wa ntwa le ho lwanela tlholo ka nako tsohle ke ka hoo ho setseng papadi e le nngwe hoso tsebahale hore motlhodi wa sehle ke mang.
“Nkare sehleng sena ha hona sehlopha se bontshitseng ho phahamela tse ding,” ho realo Kaze.
BALA: Chippa tla e hlwaya mokwetlisi ho setse papadi e le nngwe
“E mong le e mong o lwane fela jwalo ka ha le rona re lekile ho lwana ho fihla ka Pherekgong empa ke thuto eo re ithutileng yona moo re neng re lokela ho etsa dintho ka tsela e fapaneng le ho ithuta ho ba fitileng.”
Sehlopha se bile le sehla se ntlafetseng papisong le dihla tse hlano tse fitileng le ha fela letoto la dipapadi tse nne tseo ba lahlahetseng ho tsona le ile la tlisa kgalefo le letshoho ho batshehetsi ba sehlopha.
“Phapapng e teng sehleng sena le dihleng tse fitileng empa sehlopha sa boemo ba Chiefs se tshwanelwa ke tshebetso le maemo a fetang ana.”
Chiefs jwalo ka dihlopha tse ding, e setse ka papadi e le nngwe kgahlano le Chippa United mme le ha sehlopha seka hlola kapa sa hlolwa, setla qeta se dutse boemong ba boraro ka mora Orlando Pirates le Mamedi Sundowns tse tsekang boemo ba pele le ba bobedi.
BALA: Durban City le Sundowns di hlolana ka puo thekisong ya sebapadi
