
Mokwetlisi wa naha o tla tsibisa sehlopha se fokoditsweng
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos, o lebeletswe ho phatlalatsa sehlopha fokoditseng kajeno le ho fana ka mabitso a dibapadi tse tla emela naha.
Broos, o lebeletswe ho phatlalatsa dibapadi tseo a tla leba le tsona Morroco papading tsa AFCON ha mmamorao kgweding ena mme mahlo a laretse ho bona hore ke bo mang batla tsamaya.
Beke e fitileng Broos o ile a tsibisa mabitso a dibapadi tse 55 tseo a tla nyafa ho tsona mme le hana moo, o ile a baka dipuo dihana ho fela ka ho siya ba bang ba dibapadi tseo ho neng ho nahanwa o tla dibitsa.
Thembinkosi Lorch le Bradley Grobler, ke tse ding tsa dibapadi tseo boholo ba batho baneng ba nahana hore Broos o tla ba kenya lenang la 55 [preliminary] empa ha a ka a etsa jwalo.
Dibapadi tse ileng tsa makatsa ka ho bitswa ke Themba Zwane ya neng a ntse a sa bapale ka lebaka la kotsi le Patrick Maswanganyi ya neng a qeta boholo ba nako kantle ka lebala la ho fetolwa kgafetsa ha dibapadi tse qalang ho Pirates.
E nngwe ya dintho tse tlabeng dishejowe ka mahlo a makgubedu, ke hore SAFA le Bafana Bafana, disebedisa monyetla wa CAF wa ho bitsa dibapadi tse ding tse 4 ka hodima 23 ya semolao.
CAF e fanne ka monyetla ho dinaha ho bitsa dibapadi tse ding hape tse nnene dihlopheng empa CAF, e ke ke ya Jara maikarabelo a dibapadi tseo ka ditjeho.
Broos o tla phatlalatsa sehlopha ka hora ya 12:00 motsheare, mme o tla hlaha ka kotloloho kanaleng ya thelevishene ya SABC.
BALA HAPE: Broos o tsibisa mabitso moo a tla nyafa dibapadi teng
