
Di’Proteas dihlotswe papading ya pele dipapading tsa letsatsi ka leng
Sehlopha sa naha sa di’Proteas, se hlotswe papading ya pele ya tse tharo tsa letsatsi ka leng (ODI) ka mematho e 17 ke naha ya India lebaleng la JSCA International toropong ya Ranchi, India.
Afrika Boroa e hapile lotho le ho kgetha ho akgela pele ha Inda e otla.
Nandre Burger, o hlasetse disa tloha ka ho ketola sebapadi sa India se bulang empa Rohit Sharma (57), Virat Kohli (135) le KL Raul (60) ba lwana ya kgumamela ho ahela India mokolokotwane wa mematho e 349 ho tswile dibapadi tse 8 (349/8).
Karabelong ya bona, Afrika Boroa e qadile e le tlasa kgatello ka mora hore dibapadi tsa bona tse bulang Aiden Markram (7), Ryan Rickelton (0) le Quinton de Kock (0) batswe ba sa etsa letho.
Matthew Breetzke (72), Tony de Zorzi (39) le Dewald Brevis (37) ba kene le ho kgatha ya bona tema le ho kgutlisa tshepo ya ma’Áfrika Boroa pele ba ketolwa ka ho fapana.
Marco Jansen (70) le Corbin Bosch (67), le bona ba lekile ho lwana kgakgaulane molamu wa hlooho empa ba fellwa ke matla tseleng le ho ketolwa ba sa phethahatsa morero wa bona.
Afrika Boroa e felletse memathong e 332 dibapadi ditswile kaofela mme sena se hlalosa ha bahlotswe ka mematho e 17 jwalo ka ha India e nka ketapele ya dipapadi tse tharo tsa letsatsi ka leng (1 – 0).
Papadi ya bobedi eo Afrika Boroa e tlamehileng ho e hapa e bang ba batla ho hapa letoto e tla bapala ka laboraro la 03 Tshitwe lebaleng Shaheed Veer Narayan Singh International. Papadi ena e tla qala ka 10:00 ka nako ya kwano Afrika Boroa.
BALA HAPE: Afrika Boroa e tlontlolella India lapeng tekong ya ho qetela
