Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Lehlohonolo Seema ha halale Orlando Pirates

Mokwetlisi wa Siwelele FC Lehlohonolo Seema, o re ha halale sehlopha sa Orlando Pirates ka lebaka la nalane ya bona ho Carling Knockout.

Seema, o ne a araba dipotso tsa baqolutsi ba ditaba moo a hlalositseng ha a sa kgelle Pirates fatshe le ha e sena nalane e ntle mohopeng ona wa mantshana.

“Hare ka ya ka mohopolo wa hore Pirates ha ena nalane e ntle, re tlabe re etsa phoso. Re shebile ka moo ba bapalang ka teng mme re lokela ho lwana ya kgumamela.” Ho realo Seema.

Siwelele, hasa qala sehla hantle ka mora ho lahlehelwa ke dipapadi tse tsheletseng ka tatellano mme ba satswa hapa papadi ya bona ya bobedi ya sehla beke e fitileng.

Ka lehlakoreng le leng, Orlando Pirates e baba le ho feta leshokgwa mme ba satswa hapa papadi ya bohlano ka tatellano ho Betway Premiership.

Dihlopha tsena ditla kopana mafelo a beke mohopeng wa Carling Knockout, e le lekgotlo la pele la Siwelele, ha Pirates e tla leka ho lebala tsa sehla se fitileng.

Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Orlando ka moqebelo wa la nne (4 Mphalane) ka hora ya boraro (15:00) motsheare.

BALA HAPE: Siwelele se tsoha ka Marumo