
Namibia e makatsa Afrika Boroa motse moholo Windhoek
Namibia e makatsa Afrika Boroa Naha ya Namibia e makatsa ya Afrika Boroa papading ya T20 ka mora ho ba hlola ka wicket tse nne (4) papading e le nngwe (one-off).
Namibia e ne e amohetse Afrika Boroa motse moholo Windhoek e le papadi e le nngwe ya tsa boitukiso ba mohope wa lefatshe o tla tshwarwa ka kopanelo ke Afrika Boroa, Zimbabwe le yona Namibia.
Baeti Africa Boroa, ba hapile loto mme ba kgetha ho otla pele. Papadi ena, e ne e le ya pele Quinton De Kock a kgutletse papading ka mora ho hula qeto ya hae ya ho beha mejafashe.
De Kock ya keneng a bula, o entse momatho o le mong fela (1 run) jwalo ka ha Namibia e qhobeletse Afrika Boroa memathong e 134 ho tswile dibapadi tse 8 di’ovareng tse 20.
Makenong a yona, Namibia e nkile taolo ya papadi le ho kenya Afrika Boroa tlasa kgatello. ‘The Eagles’ ba lelekisitse mokolokotwane wa di’Proteas ho wele dibapadi tse tsheletseng.
Andile Simelane le Nandre Burger ba ketotse dibapadi tse pedi sebapadi ka seng ha Ruben Trumpelmann wa Namibia a ketotse dibapadi tse tharo.
Afrika Boroa, e tla kena leetong ho leba naheng ya Pakistan moo batla kopana le dibapadi tse ding jwalo ka ha sehlopha sa diteko setla qala ka papadi kgahlano le Pakistan hosane [12 Mphalane].
Sehlopha sa T20, setla kena kgabong ka la 28 Mphalane e le dipapadi tse tharo pele ho papadi tsa letsatsi ka leng (ODI).
BALA HAPE: Maphaka o hulwa sehlopheng matsatsi pele ho papadi
