Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e hlolwa ke ho tswa ka hara naha

Sehlopha sa Afrika Boroa sa Mamelodi Sundowns, se tlalletswe ke nahana boema fofaneng ba OR Tambo leetong la bona la ho leba Morocco.

Sundowns e ne e lokela ho tswa ka hara naha ho lebala Morocco bakeng sa papadi ya leoto la bobedi kgahlano le AS FAR.

Le ha hole jwalo, leeto la Sundowns se aparelwa ke mathata jwalo ka ha mangolo a ho kena naheng ya Morocco e le bothata.

BALA: Ancelotti o tlohela Pedro, Richarlison le ho bitsetsa Neymar sehlopheng

Sehlopha se qobellehile ho kgutlela morao dihaelong tsa sehlopha ka mora diketsahalo tse kanna tsa ama papadi hampe.

Tshitiso ena e tla ama sehlopha ka nako ya boikwetliso le nako ha ho tsamaya ho kenyeletsa mokgathala wa sefofane e leng se ka amang papadi ya Moqebelo.

Sundowns e leba papadi ena e matha pele ka ntlha ho noto [1 goal lead] empa seo se ke ke sa jara boleng ha kalo jwalo ka ha AS FAR e tlabe e bapalla lapeng ka pela batshehetsi ba yona.

BALA: CAF e etsa lotho ya mohope o latelang wa AFCON