
Chiefs e ikemiseditse ho fana ka dibapadi tse pedi ho fumana Phili
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se kene dipuisano tsa ho fapanyetsana ka dibapadi tse pedi le sehlopha sa Stellenbosch ho fumana sebapadi seo e leng kgale base batla.
Hoya ka SABC Sport, Chiefs e fihletse tumellano [agreement of Principle] le Stellenbosch ka Langelihle Phili eo sehlopha se mathileng lebelo ka mora hae.
Chiefs, e ikemiseditse ho arohana le dibapadi tse pedi [Ashley Du le Given Mosimanga] le tjhelete ho fumana Phili.
Le ha Chiefs e ikemiseditse ho fana ka dibapadi tsena, dipuisano dipakeng tsa dihlopha tsena ke hona ntse ditswela pele.
BALA: Shabalala o tlosa dinepe tsa Chiefs leqepheng la hae la Instagram
