
Khalil Ben Youssef o ntshitse maikutlo ka Luke Baartman
Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o ntshitse maikutlo ka setlabotjha sehlopheng ka mora ho fumana monyetla lekgetlo la pele.
Luke Baartman, o fumane monyetla wa ho bapala lekgetlo la pele ha Chiefs e ne e thulane TS Galaxy mafelong a fitileng a beke.
Sebapadi sena sa mehleng sa Cape Town Spurs, se ile ba le mathata a ngodiso le ho bapala ka mora hore Spurs e hlahlele nyewe kgahlano le yena le Asanele Velebayi.
Ben Youssef, o hlalositse ha bana le sehlopha se seholo se dulang se itshupa ho batla ho bapala boikwetlisong.
“Ke dumela ha rena le sehlopha se seholo moo honang le tlhodisano mme dibapadi kaofela dilokela ho bapala,” ho realo Ben Youssef.
“Boikwetliso bo bontsha rona bakwetlisi hore ke mang ya malala-a-laotswe bakeng sa ho bapala mme Baartman, o sebedisitse monyetla wa hae ka bokgabane.”
Baartman o kene karolong ya bobedi ya papadi ha shebile mafelong mme a tla a bontsha bokgoni ba hae.
Ben Youssef o hlalositse ha tshwarisano ya Lebohang Maboe le Lehlohonolo Matlou, e se teko empa ntho eo ba tsebang ka yona e le bokwetlisi.
“Re sebeditse le dibapadi tsena sebaka mme re tseba makgabane a bona. Ha hona letho leo re le behang ditekong ha jwale.”
Mokwetlisi enwa o dumela ha kgefutso ya ha jwale ya AFCON e tla ba thusa ho lokisa diphoso tsa bona le ho lokisa taba ya ho hlaba dintlha.
BALA HAPE: Ndlondlo o bua ka lerato la batshehetse ba Pirates
