Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs o re ba jelwe mmetwane

Ka mora ho bapala maleka a 0 – 0 le TS Galaxy ka sontaha, mokwetlisi wa Kaizer Chiefs (co-coach) Khalil Ben Youssef, o hlalositse ha sehlopha sa hae se sebeleditswe ka kobong.

Ben Youssef o dumela ha sehlopha sa hae se bile le menyetla e totobetseng ya ho fumana dintlha empa diqeto tsa baletsaphala tsa behella tseo ka thoko.

Chiefs hlabile ntlha ka sebapadi sa bona Flavio Silva, empa botsamaisi ba papadi ba hlalosa ha Silva a ne a le ka barwetsaneng (offside) ha a hlaba ntlha eo.

“Re hlabile ntlha ka pono ya ka, ke ntlha e ntle,” ho realo Ben Youssef.

“Thaho ya mokoko, hara fumana thaho ya mokoko. Papading ya bolo e bang o hlaba ntlha o tla hapa. Re hlabile ntlha empa ya hlakolwa.”

Ben Youssef o dumela ha ba bile le ho etsa menyetla e mengata le ha ba sa e sebedisa ka tsela e nepahetseng.

“Re entse menyetla e fetang 12, ra rahela dipalong makgetlo a 26 empa mosebetsi o tswelapele. Re lokela ho sebetsa ho fela ha jwale.”

Letswallwa lena la Tunisia le hlalositse ha sa rate ho iphethaphetha ha sehlopha se hlokile lehlohonolo la ho hlaba dintlha papadi le ha menyetla e bile teng.

Amakhosi ba dutse boemong ba bone tafolong ya dihlopha ho Betway mme ba bokeleditse dintlha tse 24 ka mora dipapadi tse 13.

BALA HAPE: Chiefs e phethela selemo ka ho bapala maleka