
Ngidi o hlalosa moo a ithutileng ho akgela ‘slower ball’
Sebapadi sa Afrika Boroa se akgelang la sekgahla (fast bowler) Lungisani Ngidi, o hlalositse moo a ithutileng ho akgela bolo e lenama (slower ball).
Ngidi oe se seng sa dibapadi tse tswile tjaro mohopeng wa lefatshe o ntseng o bapala naheng ya India le Sri Lanka.
Sebapadi sena ke sona se eteletseng dibapadi tsa Afrika Boroa tse akgelang pele ka ho ketola dibapadi tse 8 dipapading tse tse nne.
Ngidi o hlalositse ha a ithutile ho akgela bolo ho tswa ho Dwayne Bravo.
“Ke ne ke le IPL le Dwayne Bravo, mme nakong yohle ya IPL eo, ntho feela eo ke neng ke e sebetsa haholo e ne e le bolo e liehang. Ke ne ke sa bapale haholo, kahoo ke ile ka ba le nako e ngata ya ho e itlwaetsa.”
“Ha ke kgutla Afrika Borwa, ke ile ka leka ho ithuta bolo eo. Ho nkile nako, empa nako e fetileng ke lemohile hore ho sebedisa bolelele bo fapaneng ke hona ho sebetsang hantle ka ho fetisisa,”
“E bang ke slow-ball yorker, kapa bolo ya bolelele bo mahareng, kapa slow-ball bouncer. Kahoo ke bolelele bo tharo bo fapaneng ka bolo e le nngwe, mme motlhaseli o tshwanetse ho hakanya hore ke efe e tlang ho latela.”
Kgahlano le India, Ngidi ha ketola sebapadi empa tsela eo a akgetseng ka yona e bile e babatseha.
Ngidi o akgetse dibolo tse 24 (4 overs) mme dibolong tseo ha ho sebapadi se kgoneng ho mo otla mematho e 4 kapa 6 (no boundary).
Afrika e tla tobana le naha ya Bravo [West Indies] hosane ka la bone [26 Hlakola]. Naha e tla hlola papadi eo, e tla fetela dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang.
BALA HAPE: Afrika Boroa e kgwathisa India papading e mahlonoko ya Super 8
