Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Dipapadi tsa mafelo a beke dikgutlisa dipotso ka VAR

Papadi ya mafelo a beke ya sehlopha sa Kaizer Chiefs le Mamelodi Sundowns e fedileng a ka 1 – 1, e bakile ditaba dihana ho fela le ho kgutlisa dipotso tsa VAR.

Sena ma mora hore dibapadi tsa dihlopha ka bobedi dibontshe papadi e bohlaswa ntle le ho fumana kotlo e matla.

Hara beke papading ya AmaZulu le Orlando Pirates, sebapadi sa Pirates se bapetswe bohlaswa empa moletsaphala a ntsha karete e tshehla eo ho dumelwang e le bobebe bakeng sa mmapalo oo.

Diketsahalo tsena dibakile ditaba hoo le letona la dipapadi Gayton McKenzie, o kgutletseng tabeng ena le ho hlalosa ha VAR e lokela ho potlakelwa.

McKenzie o hlalositse ha a ngotse lengolo le lebang ho SAFA moo a batlang tlaleho ya hore VAR e kena neng tshebetsong kwano Afrika Boroa.

PSL le SAFA ditsibisitse ha tshebetso ya VAR e tla nka nako pele e ka kena tshebetsong ho latela dintho tsohle tse hlokahalang.

BALA: Plaatjies o iketsetsa lebitso ka papadi ya pele