Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Zwane: Qetellong retla fihlella sepheo sa rona

Ka mora ho hlolwa ke Mamelodi Sundowns ka 1 – 0 bosiung ba labobedi, mokwetlisi wa AmaZulu Arthur Zwane, o ntse a dutse mantsweng a hae a ho batla ho qeta sehla bale boemong bo hodimo.

Zwane, o hlalositse ha maikemisetso le meralo ya bona e fa fetolwe ke sephetho sa papadi eo ba fetileng ho yona.

“Ntho e le nngwe eo ke e tsebang hantle ke hore qetellong ya sehla, re tla be re fihletse sepheo sa rona — ke sona sa bohlokwa ho rona.”

BALA HAPE: Arthur Zwane o re Sundowns e tla kopana le pela difalla

“Sepheo sa rona ke boemo ba bone, e bile sona kamehla,” a eketsa.

AmaZulu, ke se seng sa dihlopha tse hodimo ho Betway Premiership mme se tsekisana boemo le Kaizer Chiefs le Sekhukhune.

“Empa jwalo ka sehlopha, re boetse re dumela hore re ka qeta hara ba bararo ba ka hodimodimo, hobane dihlopha di tla fapanyetsana ka dintlha.”

“Tsohle tseo re lokelang ho di etsa ke ho hapa dipapadi tsa rona tsa lapeng, empa ka bomadimabe re hlotswe bosiung bo fitileng. Re tla kgutlela morao ho lokisa diphoso mme re itokise hape.”

Usuthu e dutse boemong ba bohlano ka mora dipapadi tse 18 mme ba bokeleditse dintlha tse 30.

BALA HAPE: Sundowns e nka maemo a pele ho Betway