
Raja Athletic e mehlaleng ya bakwetlisi ba mehleng ba Pirates
Sehlopha sa Raja Club Athletic ya Morocco, se mehlaleng ya bakwetlisi ba babedi ba mehleng ba Orlando Pirates e leng Jose Riveiro le Fadlu Davids ka ho fapana.
Sehlopha sena se bapalang Botolo pro Morocco, ha sa kgotsofalla ka moo mokwetlisi wa ha jwale a qadileng sehla ka teng mme se tsomana le mohlahlami wa hae.
Jose Riveiro, o satswa nyaolwa ke sehlopha sa Al Ahly dikgwedi tse tharo fela jwalo ka mokwetlisi bona.
Mokwetlisi enwa mehleng wa Pirates, ha a na sehlopha mme ho ile ha utlwahala e ka o tla leba lapeng Spain ho kwetlisa teng.
Ka lehlakoreng le leng, Fadlu Davids eo le yena a kileng a dula bankeng ya Pirates jwalo ka motlatsa mokwetlisi le mokwetlisi wa nakwana, o kwetlisa naheng ya Tanzania.
Davids, ke mokwetlisi wa sehlopha sa Simba SC e satswa tekena Neo Maema le Rushine De Reuck ho tswa sehlopheng sa Mamelodi Sundowns.
Letswalwa lena la Cape Town se le kile la sebetsa le Raja ka nako eo e neng e le motlatsa mokwetlisi Josef Zinnbauer eo le yena a kileng a kwetlisa Pirates.
Ka nako ya bona ho Raja, Davids le Zinnbauer ba qetile sehla ba sa hlolwa le ho hapa mehope pele ba ka tsamaya sehlopha ka mora hose utlwane le botsamaisi.
Ha jwale tebello ke ho utlwa le ho bona qeto ya ho qetela ka botsamaisi jwalo ka ha batshehetse ba sa kgotsofalang ke tshebe ya Lassaad Chabbi.
BALA HAPE: Al Ahly e leleka mokwetlisi Jose Riveiro
