
Ouaddou o phunya seso ka kgethollo ya dibapadi sehlopheng
Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o buile ka seo boholo ba batho baneng bare ke kgetholo dibapading tsa sehlopha sa hae.
Ouaddou eo a neng a sebedisa Masindi Nemtajela ka nako eo Thalente Mbatha a neng a tswile kotsi, o hlalositse ha kotsi eo e bile yona lebaka la tshebediso ha Nemtanjela.
“Batho bane bare Nemtajela ke mora waka empa dibapadi kaofela ke bara baka, ke bana beso bao ke baratang kaofela empa Mbatha o ne a tswile kotsi,” ho realo Ouaddou.
BALA: Mexico e bula mosebetsi ka ho kgwathisa Afrika Boroa
“Keng seo keneng ke lokela hose etsa? Ke ntshe sebapadi bookelong ketlo se kenya ka lebaleng hobane batshehetsi ba rata yena? Ke maswabi.”
Qeto ya Ouaddou ya ho sebedisa Nemtajela e fitile ditshehollong tse matla tsa batshehetsi ba sehlopha haholo ka nako eo sebapadi sena sesa bapaleng hantle.
Bobedi bona bo sebeditse mmoho sehlopheng sa Marumo Gallants empa Nemtajela a leba ho Pirates pele Ouaddou a mosala morao.
BALA: McCarthy ona le tumellano ya hore sehlopha setla kgutla
