
Middendorp o ikarabella menyenyetsing ya ho batla bokwetlisi
Hlooho ya tsamaiso ( Technical Director) ya sehlopha sa Durban City Ernst Middendorp, o ikarabetse menyenyetsing e mathang ya hore o batla bokwetlisi ba sehlopha.
Middendorp, o tswile puo ka mora hore sehlopha se arohane le mokwetlisi Sinethemba Badela ya sa dulang ka mora ho fihla ka kgwedi ya Tshitwe.
Badela, ke mokwetlisi wa bobedi wa ho arohana le City ka mora hore sehlopha se nyaole Gavin Hunt pele ho kgefutlo ya AFCON.
Middendorp, o hlalositse ha ho sena moo yena a kenang qetong ya ho nyaolwa ha bokwetlisi.
“Ke ne kese karolo ya sehlopha ha sene se arohana le Hunt ka Pudungwane hobane ke tsamaile ka Lwetse le ho kgutla ka Tshitwe bakeng sa mosebetsi wa hlooho ya tsamaiso (Technical Director),” ho realo Middendorp.
Middendorp ya kileng a kwetlisa City dilemo tse fitile le ha e ne e sebedisa lebitso la Maritzburg United, o hlalositse ha a sena thahasello ya ho kwetlisa sehlopha mme a tshehetsa bakwetlising ba teng sehlopheng.
“Ha kena maikemisetso kapa tabatabelo ya ho kwetlisa sehlopha. Ha hona le mohla ke ile ka itshunya mesebetsing ya mokwetlisi Badela ntle le ho bontsha tshehetso ka maemo a ka a mosebetsi.”
Ho ya ka lehlokwana la tsela, ho utlwahala sehlopha sele mehlaleng ya mokwetlisi wa Magesi John Maduka le ha ho sobe le netefaletso ya sena hotswa sehlopheng.
BALA HAPE: Doctor Khumalo: Sundowns e bohlokwa ho rona
