Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

SAFA e latola menyenyetsi ya katoloso ya nako ya Broos

Mokgatlo o tsamaisang bolo Afrika Boroa wa SAFA, o boetse o latola menyenyetsi e meng hape e amanang le mokwetlisi wa naha Hugo Broos.

SAFA, e latotse ditlaleho tse mathateng ho masedinyana tsa hore mokgatlo o file mokwetlisi wa Bafana Bafana katoloso ya selemo tshebetso ya hae.

Nako ya Broos, e fihla pheletsong mafelo a kgwedi e hodimo ya Phupu mme mehlodi e kumme ha Broos a batla ho ekeletswa.

Le ha hole jwalo, mehlodi e meng e hlalositse ha SAFA e le yona e fanne ka nako [1 year extention] le ha SAFA e sa tsebe ka seo.

“SAFA e bone menyenyetsi e ntseng e matha ya hore mokgatlo o file mokwetlisi Broos katoloso ya selemo,” ho realo SAFA.

“Mokgatlo o batla ho hlakisa hore taba eo hase nnete e bile haena motheo, e ya lahlisa.”

“Mokgatlo haoso fane ka tumellano le mokwetlisi o fe kapa o fe mme mokwetlisi Broos e ntse e le mokwetlisi wa Bafana Bafana ho fihlela mafelo a kgwedi ya Phupu.”

Tebello ke hore mokgatlo o tla tshwara seboka sa baqolotsi matsatsing a tlang ho hlakisa tse ding tsa diketsahalo ho kenyeletsa le bokamoso ba Broos.