Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou o ngongorehiswa ke ho hlajwa ntlha papading e nngwe le nngwe

Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha a ngongohiswa ke dintlha tseo ba dihlajwang dipapading tsa ho itukisetsa sehla.

Pirates e hlotswe ke Al-Ittihad ya Saudi Arabia ka 3 – 2 papading ya ho itukisetsa sehla sa dipapadi kampong ya bona naheng ya Spain.

Ouaddou o hlalositse ha sehleng se fitileng ba sebeditse hantle mekwallo le ho hlajwa dintlha tse tlase empa ho bonahala bothata boba teng dipapading tseo baseng ba dibapetse.

“Sephetho sa papadi ena hase hlalose bokgoni ba rona. Nka hlalosa hore ke thabetse tsela eo sehlopha se bapetseng ka yona,” ho realo Ouaddou.

“Re qadile papadi ka noto e tlase, ra hlajwa ntlha empa ka mora moo ra kgutlela papading ka sekgahla.”

Ouaddou o sebedisitse dibapadi tseo sehlopha se qetang ho ditekena le ha dikene karolong ya bobedi ya papadi mme o hlalositse ha a kgotsofetse ke tsela eo ba bapetseng ka yona.

“Ke nahana hore re bapetse hantle, re bile le metsamao e metle metsotsong ya ho qetela ya papadi moo re kgonne le ho etsa menyetla.”

“Bothata ba rona ke hore re hlajowe ntlha papading e nngwe le nngwe e seng re e bapetse kwano mme re lokela ho lokisa lebota la rona la morao bakeng sa sehla setlang.”

BALA: Sepp Blatter o tshwaela mohopeng o qetang ho fela wa lefatshe