Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Senegal e hlahletse tletlebo ya ho sekgotsofale pele ho makgaolakgang

Naha ya Senegal e hlahletse tletlebo ho CAF dihoreng tse ka tlase ho tse 48 pele ho papadi ya makgaolakgang.

Senegal e ngotse lengola la tletlebo ho leba ho CAF ho bontsha e sa kgotsofalla ka moo e tshwereng ka teng pele ho papadi ya bona le Morroco ka moqebelo.

Lengolong la tletlebo, Senegal e llile ka tlhokahalo ya tshireletso (Security) ka mora ho fihla motsemoholo Rabat e leng mong papadi ya makgaolakgang e tla bapalla teng.

Ba boetse ba lla ka madulo a seng maemong a matle bakeng sa sehlopha mme sena se etsa hore bodulo ba sehlopha bo fetolwe.

Sehlopha se latotse le ho hana ho ikwetlisa sebakeng seo ba se kgethetsweng mme ha seso arajwe ntlheng ya ho fetolelwa sebaka sa boikwetliso.

Senegal, e boetse ya lla ka palo ya ditekete tseo ba difumane bakeng sa batshehetse ba bona le tsa bahlomphe (VVIP) bakeng sa naha ya bona.

Ho ya ka lengolo la tletlebo, tshwaro le dihlophiso tsa makgaolakgang bakeng sa Senegal, dibatla difapane le tsa papadi e tlsng pele ho makgaolakgang eo sehlopha se e bapetseng.

Tletlebo ya Senegal, hase ya pele ka sehlopha se nkile karolo ho AFCON selemong sena jwalo ka ha ditletlebo dibile teng ka mefuta le hotswa bakwetlisi ba dinaha tse fapaneng.

Sehlopha se kopile hore CAF e arabele ka potlako ditsekong tsa bona ho nnetefatsa ha papadi ya makgaolakgang e tla bapala ntle le tshekamelo le hlompho bakenf sa dihlopha kaofela.

Senegal e tla thulana le Morroco eo e leng yona baamohedi ba baeti ka sontaha ho makgaolakgang. Papading ena e tla bapalla lebaleng la Complex Sportif Moulay Abdellah ka 21:00 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Afrika Boroa e batla ho tshwara mohope wa AFCON