
P Management e eletsa Siwelele ka ho kgaola dibapadi
Ka mora hore monga sehlopha sa Siwelele FC Calvin Le’John a tsibise batla arohana le dibapadi tse mmalwa, moemedi wa dibapadi Karabo Mathang Tshabuse o eleditse sehlopha.
Le’John o hlalositse ha sehlopha sa Siwelele setla arohana le dipapadi tse mmalwa tse sa bontsheng moya wa ntwa sehlopheng, kgatisong eo ho yona a neng a tsibisisa diphetoho botsamaising ba sehlopha.
Mathang Tshabuse eo e leng leqwetha le setho sa tsamaiso (co-founder) ya P Management, o ngotse tlasa molaetsa wa Siwelele ho ‘Instagram‘ hore batla lokela ho ela hloko qeto ha ho kgaola (terminate) dibapadi sehlopheng ka lebaka la mmapalo.
“Ke kopa le etse bonnete ba hore hale arohane hang hang le dibapadi ka mabaka a sa utlwahale, hobane le ho arohana le dibapadi ka lebaka la mmapalo ho ka lekenya mathateng la lefa tjhelete tsa ditshenyehelo,” ho realo Mathang Tshabuse.
Ho ya ka lesedinyana la Unplayable, boemedi bona ba dibapadi [P Management] bona le dibapadi tse robedi sehlopheng sa Siwelele mme molaetsa wa bona o hlile o hlakile le ho sireletsa dibapadi tsa bona.
Le’John o hlalositse ha sehlopha setla tekena dibapadi tse ding tse mmalwa ho matlafatsa sehlopha matsatsi a tlang le ha ho tekenwa ha dibapadi ho kwala kajeno 22 Lwetse.
Sena seka hlalosa hore sehlopha setla tekena dibapadi tse senang dihlopha (free agents) hobane tsona le ha nako ya ho tekena dibapadi e fihlile pheletsong ntse dika tekenwa.
Siwelele setla amohela Orlando Pirates hosane ka labobedi lebaleng la Toyota mme papadi eo e tla thakgoha ka 19:30 bosiu.
BALA HAPE: Siwelele FC se etsa diphetoho botsamaising
