Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso: Papadi ya bolo e re bontsha tse ka etsahalang ka mehla

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha ntho e nngwe le nngwe e ka etsahala papading ya bolo.

Cardoso, o buile sena sebokeng sa ba boraditaba pele ho leoto la bobedi kgahlano le Stade Malien ka sontaha.

“Bolo ya maoto e re bontsha letsatsi le letsatsi hore ho ka etsahala eng le diphetoho tsa papadi, ho realo Cardoso.

“Re kase nahane hore dintho dikasa fetohe mme dilokela ho laolwa ke rona haholo jwang ha phala e qalang papadi e lla.”

Sundowns e matha pele ka dintlha tse tharo empa Cardoso ha qhelele ka thoko ntlha ya hore Malien e tla itwanela ka tsohle.

“Pale ya Champions League haeso ngolwe. Ditlholo tse fitileng difitile mme le papadi eo re hlotsweng ho yona, ke eo Mokwena a boneng karete e kgubedu.”

Cardoso o phethetse ka hore ba tlaba le letsatsi le boima e seng le lebe mme a hlwaya ha maemo a mohlwa le motjheso etlaba tse ding tsa diphepetso tsa bona.

Papadi ena etla bapala ka sontaha [22 Hlakubele] motsemoholo Bamako mme e tla thakgoha ka 18:00 thapama.

E bang Sundowns e ka hapa le ho fetela pele, e tla thulana le Esperance de Tunis kapa Al Ahly papading e tlang pele ho makgaolakgang (semi-final).

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Malien o tshepa batla busetsa molamu sefateng kgahlano le Sundowns