
Senegal e hlwaya sebapadi sa mehleng sa France hoba mokwetlisi
Naha e tshireletsang mohope wa AFCON ya Senegal, e hlwaya Patrick Vieira hoba mokwetlisi wa bona ya motjha.
Vieira ke letswalla la Senegal le bapalletseng dihlopha tse jwalo ka Arsenal, moo a hapileng mehope e leshongwana mme a boela a bapalla AC Milan, Manchester City, Juventus le Inter Milan.
Boemong ba matjhabatjhaba sebapadi sena sa lebota la morao se bapalletse naha ya France pele a beya meja fatshe jwalo ka sebapadi.
Vieira o hapile mohope wa lefatshe [1998], UEFA Euro [2000] le FIFA Confederation le naha ya France jwalo ka sebapadi.
Ka mora ho beha meja fatshe jwalo ka sebapadi, Vieira o sebeditse jwalo ka mokwetlisi moo a kwetlisitseng dihlopha tse fapaneng ho kenyeletsa sehlopha sa Crystal Palace.
Phatlalatso ena etla ka nako eo dinaha tsa Afrika diatamelang matsatsi a ho bapala dipapadi tsa ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON.
BALA: Copenhagen e tsibisa sebapadi sa mehleng sa Sundowns le nomoro ya hae
