
Mane o hlalosa qeto ya ho lata dibapadi ho qetela papadi
Sebapadi sa naha ya Senegal Sadio Mane, o hlalositse ha qeto ya ho bitsetsa dibapadi mmoho ka lebaleng e bile keletso ditho tse ding tsa papadi.
Dibapadi tsa Senegal, diile tsa tswa ka lebaleng papading ya makgaolakgang ka mora hore moletsaphala a abele naha ya Morocco ka thaho ya mokoko.
Qeto ya dibapadi tsena, e emisitse papadi bakeng sa metsotso e fetang e leshome e leng ntho e batlang e sa tlwaeleha papading ntle le ha sebapadi se lemetse.
Senegal, e ile ya hanelwa ka ntlha ka phoso e batlang e tshwana le eo Morroco e abetsweng mokoko ka yona empa ntlha ya Senegal ya nkuwa e le phoso.
Mane, e bile yena fela sebapadi se neng se setse ka lebaleng ha dibapadi mmoho le yena le mokwetlisi wa Senegal bane ba ngadile papadi.
Pele ho tsohle ke batla ho leboha batho ba Senegal. E ne e se papadi e bonolo empa re eme le ho lwana jwalo ka sehlopha. Ke thabile mme jwalo ka ha ke hlalositse ho fedile lehlakoreng la ka ho Africa Cup of Nations,” ho realo Mane.
“Tabeng ya thaho ya mokoko, ha ke nahane e nepahetse empa ha moletsaphala a nkile qeto, ha hona bothata.”
“Bohle bane ba batla ho tsamaya, ke botsitse Claude Le Roy mme a nkeletsa hore re bapala. Le El Hadji Diouf o nkeleditse jwalo.”
Dibapadi tsa Senegal dikgutletse ka lebaleng ho phethela papading mme e bile bona batlhodi lekgetlo la bobedi nalaneng ya mohope ona.
BALA HAPE: Senegal ke bompudi ba batjha ba tlhodisano ya Afrika
