Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Shalulile o hlalosa qeto ya hae ya ho leba Tanzania

Sebapadi sa mehleng sa Mamelodi Sundowns Peter Shalulile, o hlalositse lebaka la qeto ya hae ya jo leba Tanzania.

Shalulile o tekenne le sehlopha sa Young Africans [Yanga] e kwetliswang ke Manqoba Mngqithi ya kileng a kwetlisa Sundowns.

Le ha hole jwalo, Shalulile o hlalositse ha qeto ya hae e susumeditswe ke puisano ya hae le monga sehlopha dilemo tse fitileng.

“E bile qeto e thata empa ntho e nolofaditseng dintho ke ho kopana le modulasetulo dilemo tse mmalwa tse fitileng,” ho realo Shalulile.

BALA: Pirates e kopa tshwarelo ho batshehetsi ka mora ketsahalo ya moqebelo

“O [modulasetulo] hlalositse ha a na le toro hore ka le leng ketla bapalla sehlopha sa Yanga mme hona e bile qeto ya ka bonngweng.”

Shalulile o hlalosa ha a nka diqeto ho latela seo a se utlwang moyeng le seo pelo ya hae e kgotsofalla ho se etsa.

Sebapadi sena se hlabileng dintlha tse ngata ka ho fitisisa Afrika Borwa ka nako ya PSL, o tla qala bophelo naheng ya Tanzania ka mora dilemo a le Afrika Borwa.

BALA: Banyana Banyana ba hlola Burkina Faso ho fetele mokgahlelong o latelang