Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns le Siwelele di-etsa moketehadi wa dintlha

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se lelekisang ho hapa sehla, se hlotse sa Siwelele se tsekang ho kena ho Top 8 ka moqeqekohadi wa dintlha.

Sundowns, e hlotse Siwelele ka 7 – 4 papading e bileng le dintlha tse ngata ka ho fitisisa nalaneng ya bolo Afrika Boroa (League game during PSL era).

Sundowns e ne e amohetse Siwelele papading eo ba lekileng ho kwala sekgeo sa dintlha dipakeng tsa bona le Orlando Pirates le ha Siwelele se lwanne ho fokotsa sehalo.

Dintlha tsa Sundowns, dikene ka Teboho Mokoena, Tashreeq Matthews le Brayan Leon ya hlabileng tse tharo ha Nyiko Mobbie le Gapee Moralo baitlhabile ka lerumo.

BALA HAPE: Cardoso o lla ka lesedinyana le nyenyelepisetswang ASFAR

Dintlha tsa Siwelele, dihlajowe ke Relebogile Mokhuane le Ghampani Lungu ya hlabileng dintlha tse tharo ho kenyeletsa thaho ya mokoko.

Sebapadi sa Sundowns, Brayan Leon, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora dintlha tsa hae tse tharo.

Ha jwale Sundowns e ntse e dutse boemong ba pele ka dintlha tse 68 ka dipapadi tse 29.

Sehlopha se setse ka papadi e le nngwe eo batla e bapala pele ho nako ka lebaka la makgaolakgang a CAF Champions League.

BALA HAPE: Lunga o re lebelo dipakeng tsa bona le Pirates le hole le ho fela